Ba ja botjha ba bona
Mekgubu ya bona e kgabile ka masale
Ba masoba malemeng
Ba metako maraong
Marikgwe a matha tlasa dikgoropo
Ekare ba ithomme
Ha ba tsamaya ba ya thakasa
Ekare ke hona ba ithutang ho tsamaya
Tlamasetala ke makgulo a bona a matala
Ha se ba se tsubile hantle
Eba difonthwane tsa bohata
Ba matla a ho pshatla tlou lehata
Motho wa bona ha a tshabe le ho lahlela ngwana
Ka hara tjhekase e ntsho ya matlakala
A e fase lefito hodimo mane
A e nyahlatse thotobolong
Ha a qeta a be a bina fela se reng:
"Jwale thoto ya dibe tsa ka e tlusitswe"
Ka nako tseo tsohle
Ba be ba re:
Ba ja botjha ba bona
Ka nako tseo tsohle
Ba be ba re:
Ba ja botjha ba bona
Ka nako tseo tsohle
Ba be ba re:
Ba ja botjha ba bona

