HO JA MMILA O NE O KA BUA
E ne e le hoseng ka matjeke
Ha re tsoswa ke ntja tsa ntate Raselai
Di hlabile o moholo mokgosi
Athe di bona topo sa morwetsana
Ka thoko ho tsela
A tantilwe ka leoka matsohong le maotong
Ba ikgakoletse heke tsa borwetsana ba hae
Ba tabotse borwetsana ba morwetsana
Hoba mateanong a rope tsa hae
Mefophodihadi ya madi
E ne e talola tabakgolo ka hara popelo
Empa hoja mmila o ne o ka bua
Nkabe re tseba hore
Ke mang kapa
Bomang banga ba taba tseo

