Ke motswalle wa meqomo ya matlakala

  //   by   //   anger  //  No Comments

Ke phela sa ntja ya lekesi meqomong
Empa ntho eo eka o makatsang ke hore ke teng le dipolelong tsa bona le dikelellong
Ke ya rena le botebong ba pelo tsa bona
Ekare ba hloleha le difefong
Poulelo ha eyo le mosikong wa thaba ya heso sephokong sa phatla tsa bona ke ngodilwe ka tlhaku tse kgolo.

Meqomong ke ja ke kgora
hoba ka tlung tlala eye rena re ya hlora.
Bosiu re ya kgona ha eyo kgora.
Le mala aya korotla bosiu ha ke lora.
Ke dula ke hlora ke lapa leso,ba ya  nsoma

Se nkene sekgobo ke kgoba ke kgobuwa ka mantswe sekgobo.
Jara maima a pelo ya hao sekgantsho sa maikutlo,
mesebetsi ya dihele eya nkatomela.
Ha nna  ke leka bophelo pokothong tsa ba bang.
Poho bophelo ke mokgolo wa letsatsi.
Ha ramautla ele motswalle,wa nnahanisa

Rabolloro le thipa ke dibetsa tsaka.
Le manyeloi a dihele aka o pakela,
hore  honna cheseho ke polao.
Hoba meqomong nkeke ka kgutlela
Lapa leso le ikentse dira,mahlabaphiyo ha ba mpona ba ya potela.
Ha ba batle le ho mpona ka hare ho tsela.

Ho bona ke fetohile sera mokopakopa
Manyeloi a Lehodimo a mphuralletse.
Maqiti le maqitolo a nqetile a mphelletse.
Le bao ke neng kere ke metswalle ba nnyamelletse
Sa metsi tshimong ya pone a monyetse.
Bophelong mona thje ke sehletse!

Nna le meqomo ya matlakala re metswalle hoba tlala eya rena.
Le bosiu mala aya korotla.
Le ho feta pina tsa mokotlo.
Hobane ba ntahlile ba nkotla mokokotlo.
Le jwale ke mabadi le hara ho sekotlo.
Ke madi,maqeba ke dikotlo.

Le mphuralletse lena lefatshe!
Ke fetohile hase,sono ke lena lefatshe.

Kgopolo
P.O Box 15034
Witsieshoek
9870
0786447749

Leave a comment

You must be logged in to post a comment.