Mahadi o ne a lebeletse

  //   by   //   emotions  //  No Comments

E ne e le thatohatsi
Hakwe la pelo ya ka
Ebile ke bona hantle
Hore Bakubung
Ba ntswalletse mofumahadi
Empa kajeno ke mofu Mahadi
Hoba o mobetile
Ha o qeta
Wa mohlaba ka botlolo
Ka tlase bokatlaseng
Madi a tsholoha sa mahlopha a senya
Mahlo a maphatshwana a rothofala
Ditho tsa sobaka
Pelo ya ema
Mmele wa bata po!
Aa!
Pelo tsa bona tsa ema
Mmele ya bona ya bata po!
Hoba ho mohuleng
Hwa hao mmileng
O mohulela morung
O ne o sa tsebe
Hore o ne a lebeletse
Mahadi o ne a lebeletse
Ngwana ngwanana

Leave a comment

You must be logged in to post a comment.