Africa ho senyehile kae?

  //   by   //   confusion  //  No Comments

Hoseng ka matjeke re tsoswa ke o moholo mokgosi;
Re bona hlopha sa batho se bokanetse setopo;
Topo sa morwetsana thoteng thoko ho motse;
Ehlile borwetsana bo nkuwe ka qophello;
Thipa mpeng e bata poo!
O hutswe a betwa, a bolawa;
Madi ona ha ke sa buwa;

Jo nna!Utlwa seboko seo
Le ha ebe o ne a lebelletse;
A lebelletse lesea ngwana monyane;
O mmolaile le pele a tswala;
O mmolaile a le popelong ya mme Motswadi;
Ha feela thota ne e ka bua
Ne re tla tseba na ke bo mang ba bokgopo?

Ba kgaba ka ho bona madi;
Oh Afrika ho senyehile kae?
Ho etsahetseng ka motho ke motho ka batho;
Tjhankaneng ho tletse tswete;
Polao,peto,tlhekefetso;
Oh Afrika ho senyehile kae;

Leave a comment

You must be logged in to post a comment.